Mmuso o kentse lenaneo le letjha la thupelo le bitswang la boithuti. Mananeo ana a buletswe batho ba hlokang mesebetsi. Pampitshana ena e hlalosa ka moo mananeo ana a sebetsang ka teng.
Boithuti ke eng?
Boithuti ke lenaneo la ho ithuta le lebisang mangolong a mosebetsi. Boithuti bo kenyelletsa ho ithuta ka phaposing ya thuto kholetjheng kapa setsing sa thupelo le thupelo ya ho tshwara ka matsoho sebakeng sa mosebetsi. Hore o kene boithuting taba ya bohlokwa e lokelang ho lokiswa pele ke hore ho be le ramosebetsi ya thahasellang le hona ho kgona ho fana ka boiphihlelo mosebetsing.
Ke mang ya ka kopang ho ba boithuting?
Motho e mong le e mong a ka ikopela ho ba boithuting. Sena se bolela hore boithuti bo lokela ho ba teng bakeng ba batho ba batjha ba tswang dikolong le dikholetjheng le batho ba hlokang mosebetsi hammoho le batho ba seng ba sebetsa. Boithuti ba bo kgethe boholo ba dilemo.
Ha ho kgethwa batho ba tla kena boithuting mmuso o dumetse hore bonyane 85% ya baithuti ba be batsho, 54% e be basadi mme 4% e be batho ba qhwadileng.
Na ditjeo tsa teng ke bokae?
Motho ha a lefe ho ba boithuting. E mong le e mong ya kgethetsweng ho ba lenaneong la boithuti o lokela ho leshwa tjhelete e itseng ke ramosebetsi. Hore o tla fumana bokae ho laolwa ke mofuta wa boithuti. Letona la Mesebetsi le behile bonyane bo ka leshwang hammoho le maemo empa ramosebetsi a ka nna a lefa ho feta moo. Ho etswa tumellano ya tefo le maemo le moithuti ka mong pele lenaneo le qala.
Bo nka nako e kae?
Bolelele ba boithuti bo tla fapana, empa ka tlwaelo ha e be ka tlase ho selemo.
Ho bolelang ho nna ha ke kena boithuting?
Ha o amohetswe ho kena boithuting o tla saena tumellano ya molao le ramosebetsi. Motho kapa mokgatlo o fanang ka thupelo ya ka phaposing le yena o lokela ho saena. Mona ho tla hlaloswa hantle tse lebelletsweng ho wena le tseo o lokelang ho di etsa.
Ke bomang ba ka hara boithuti mme seabo sa bona ke sefe?
Moithuti o kenngwa boithuting. O saena tumellano ya molao le ramosebetsi, e hlalosang ditokelo le boikarabelo ba moithuti, mme o qala ka lenaneo la ho ithuta.
Ramosebetsi o fana ka boitsebelo ba mosebetsi e le karolo ya botsebi mme o saena yona tumellano ya molao e hlalosang ditokelo le boikarabelo ba ramosebetsi, ho kenyelletswa le mothati wa tjhelete e leshwang mothuti.
Bafani ba thupelo ba fana ka thupelo lebitsong la ramosebetsi mme le bona ba saena tumellano eo ya molao e hlalosang ditokelo le boikarabelo ba mofani wa thupelo.
Sector Education and Training Authority (SETA) e hlophisa le ho thusa ka ditjhelete tsa boithuti karolong e itseng ya moruo (ho etsa mohlala transporoto kapa bohahlaudi le kamohelo ya baeti), mme e nnetefatsa hore thupelo e maemong a indastri (tiiso ya boleng).
Lefapha la Mesebetsi le thaotha, le kgetha le ho romela batho ba hlokang mosebetsi ba kgotsofatsang bonyane ba ditlhoko tse behilweng bakeng sa boithuti bo itseng ho boramosebetsi ba hlokang baithuti. Ramosebetsi o etsa qeto ya makgaolakgang.
Ke tla fumanang pheletsong ya boithuti?
Ha boithuti bo phethilwe ka katleho o tla ba le mangolo a amohelwang hohle naheng. Ho bontsha hore o na le mangolo ao o tla setefikeiti. Setefikeiti sena se tla hlalosa botsebi bohle boo o ithutileng bona.
Ke tla fumana mosebetsi ka mora ho phetha boithuti?
Ha eba o ne o hloka mosebetsi ha boithuti bo qala ha ho tiiso ya mosebetsi qetellong. Ramosebetsi ya o fang thupello ha a a tlameha ho o fa mosebetsi. Empa ka mangolo ao le boitsebelo ba mosebetsi o tla boemong bo botle ba ho fumana mosebetsi ho feta pele. O ka nna wa nahana ka ho ithuta ho tswela pele kapa wa iqalla kgwebo ya hao.
Ke ikopela boithuti jwang ha eba ke hloka mosebetsi?
Ingodise Lefapheng la Mesebetsi o le motho ya batlang mosebetsi ka ho tlatsa foromo e hoketsweng ya boingodiso le foromo e bontshang ditshekamelo tsa hao. Ha o qeta e kgutlisetse ho basebetsi ba setsi sa mesebetsi kapa o e pose.
Etsa hore dintlha tsa moo o ka fumanehang di dule di lokile ka mehla.
Setsi sa mesebetsi se tla ikopanya le wena ha eba o na le tse hlokahalang bakeng sa boithuti ho ramosebetsi ya itseng.
Ebang o na le tse hlokwang o ka nna wa bitswa ho tla hlalosetswa, mohlomong le ho hlahlojwa pele ho kgetho ya ho qetela.
BOINGODISO BA MMATLI WA MOSEBETSI
Dintlha mabapi le motho
Fane:
Mabitso ka botlalo:
Nomoro ya ID:
Aterese:
Mohala:
O hlahile neng?:
Mofuta:
Moafrika
Wa mmala
Puo ya lapeng:
Dipuo tse ding
Bong:
Monna
Mosadi
Na o na le boqhwala?:
Tjhe
Na o moahi wa Afrika Borwa?:
Tjhe
Ebang o re TJHE bolela botjhaba ba hao:
Na o na le mangolo a ho kganna
Ha ke na ona
Dintlha tsa Thuto
O pasitse sehlopha sefe sekolong?
Dithuto
Letshwao
Mangolo a ka mora Materiki:
Sekolo/Mofani wa thuto
Mangolo
Selemo seo a fumanweng ka sona
Boitsebelo ba mosebetsi
Ramosebetsi
Boemo
Nako e kae?
Lebaka la ho tlohela:
Ke tiisa hore lesedi le fanweng mona ke nnete.
Tshaeno ya Mokopi
Mohla
BONTSHA THAHASELLO YA HAO
Mona o fuwa lenane la dikarolo tse fapaneng tsa ho ithuta le diketsahalo tse o ka kgonang ho di etsa karolong eo ya ho ithuta. Etsa eka o kgona ho etsa diketsahalo tsohle, fana ka matshwao karolong ya ho ithuta kang ho ya ka moo o ratang kapa o thabelang diketsahalo tsa teng ka teng. Hangata tsa boikgathollo di ka nna tsa bontsha thahasello ya hao. Ha eba o rata e nngwe ya diketsahalo tse boletsweng e le mohlala karolong ya ho ithuta, sehella ketsahalo eo mola ka tlase mme o fe karolo ya ho ithuta matshwao ho ya ka moo o ratang ketsahalo e sehetsweng mola ka teng. Ho fana ka matshwao ho lokela ho etswa tjena: 1- Ha ke e rate ka ho fetisisa, 2 ? Ha ke e rate, 3 ? Ke e rata ho mahareng, 4 ? Ke a e rata, 5 ? Ke e rata haholo
Karolo ya ho ithuta
Ha ke e rate ka ho fetisisa
Ha ke e rate
Ke e rata ho mahareng
Ke a e rata
Ke e rata haholo
Temo le paballo ya tlhaho.
Ho hlahisa dijo ka temo. Ho hlokomela dijarete, meru, le tlhaho. Bolemi ba dijalo le diphoofolo, ho sebetsa dipakeng, majareteng le merung le paballo ya tlhaho.
Setso le bonono.
Ho etsa dintho tse ntle kapa ho etsa thabisa batho ka diketsahalo. Ho bopa, ho etsa difaha, ho tjeka, ho bina, mmino, dipapadi, ho nka ditshwantsho, thelevishene, video, ho bapala dipaleng, ho rala mekgabiso, ho taka ka pente, le ho tshwantsha.
Kgwebo, khomese le botsamaisi.
Ho hlophisa, ho rera le ho nnetefatsa hore khampani e tsamaiswa hantle. Ho etsa ditatemente tsa tjhelete tsa khampani, ho tsamaisa khampani, ho tsamaisa basebetsi, ho rekela khampani thepa, ho rekisa thepa ya khampani, ho tsamaisa kantoro, ho hlokomela dikamano tsa khampani le setjhaba, k.h.r dikamano tsa setjhaba
Dithuto tsa Puisano le Puo.
Ho sebedisa puo ho thusa batho ho fumana lesedi ka ho bua le ho ngola. Mofetoledi, moqolotsi wa ditaba wa magazine kapa koranta, setsebi sa puo, mongodi wa dikopi, ho ngola ditaba kapa ditokomane.
Thuto, thupelo le ntshetsopele.
Ho ruta le ho rupela batho. Titjhere dikolong, thuto e phahameng, dibaka tsa thuto e phahameng jwalo ka diyunivesithi, ditheknikone le ditheknikale kholeje, ho ruta bana ba banyenyane (Tlhabollo ya bana ba banyenyane).
Ho hlahisa, boenjinere le theknoloji.
Metjhini e tshwantshang, marokgo, ditsela, difofane, metjhini ya motlakase le ya elektroniki, ho etsa le ho kopanya dikarolo tsa metjhini hore di sebetse hantle, le ho sebetsa mmaeneng.
Dithuto tsa botho le tsa phedisano.
Ho ithuta ditlwaelo tsa batho hore o kgone ho ba thusa. Ho sebetsa le batho le ba ntshetsa pele (Saekholoji le thupelo ya botsebi bophelong), dithuto tsa bodumedi (baruti le baprista), histori, ho ithuta lefatshe le hore ke hobaneng batho ba phela metseng e meholo (Thuto ya lefatshe), ho ithuta dikamano tsa botho (Sosioloji), ho ithuta batho le diphoofolo tsa kgale (Akheoloji).
Molao, saense ya sesole le polokeho.
Ho hlokomela paballeho le polokeho ya batho le toka naheng Sepolesa, boramolao le batjhotjhisi, ditshebeletso tsa tshokollo (ditjhankane), ho nkela mosebetsi wa bosole (lebotho la naheng, la metsing le la moyeng).
Disaense tsa bophelo bo botle le disaense tsa phedisano.
Ho thusa batho ka ho hlokomela bophelo ba bona bo botle ba mmele le kelello le thekolohelo. Ho thibela ho kula, ho kgothalletsa bophelo bo botle, ho hlokomela batho ba kulang, ho oka, mosebetsi wa diambolense, mosebetsi wa bongaka, mosebetsi wa setjhaba.
Disaense tsa Mmetse, khomputha le tsa bophelo.
Ho sebetsa ka dinomoro ho rarolla diqaka, ho sebetsa ka dikhomputha ho boloka lesedi le ho sebetsa ka dintho tse phelang. Dithuto tsa khomputha, rammetse, bayoloji (thuto ya dimela le diphoofolo).
Ditshebeletso
Ho thusa batho ba bang jwalo ka ho ba thusa restjhorenteng le dihoteleng le dibakeng tse ding tsa ho iketla, ho sebetsa o le tjhefe, mosupatsela wa bahahlaudi, lehokela la baeti, mohlokemedi wa diphoofolo tse hlaha, transporoto jwalo ka mokganni wa teksi, mokganni wa bese, bohlokomedi ba batho jwalo ka mohlokomedi wa meriri, ho hlokomela maqheku, mosebeletsi wa malapeng, ho sebetsa hoteleng, ho rekisa (morekisi).
Ho rala dibopeho le ho aha.
Ho rera le ho tshwantsha meaho jwalo ka ho Akhithektjha, ho aha matlo, ho etsa ditsela le marokgo, ho kenya dithapo tsa motlakase meahong.
Ngola dikarolo tse tharo tsa ho ithuta tseo o di fileng matshwao a mangata ka ho fetisisa.
Dikantoro tsa Diprovense tsa Lefapha la Mesebetsi
Limpopo (Polokwane) Mohala 290 1744
Ditsi tsa mosebetsi tsa Lefapha la Mesebetsi
Cradock Mohala 881 3010
Grahamstown Mohala 622 2104
Mdantsane Mohala 761 3151
Uitenhage Mohala 992 4627
Harrismith Mohala 623 2977
Koffiefontein Mohala 205 0298
Kroonstad Mohala 212 4471
Sasolburg Mohala 970 3200
Atteridgeville Mohala 386 5114
Bronkhorstspruit Mohala 932 0197
Krugersdorp Mohala 955 4420
Soshanguve Mohala 799 7395
Alberton Mohala 861 6130
Boksburg Mohala 898 3340
Brakpan Mohala 744 9000
Carletonville Mohala 788 3281
Johannesburg Mohala 497 3163
Roodepoort Mohala 766 2000
Sebokeng Mohala 988 2626
Durban Mohala 336 1500
Pietermaritzburg Mohala 342 9361
Pinetown Mohala 700 2206
Limpopo
Ellisras Mohala 763 2162
Nylstroom Mohala 717 1046
Polokwane Mohala 290 1744
Tzaneen Mohala 306 2600
Mpumalanga
Baberton Mohala 712 3066
Groblersdal Mohala 262 3150
Lydenburg Mohala 235 2368
Middelburg Mohala 283 3600
Mafikeng Mohala 381 1010
Rustenburg Mohala 592 8214
Taung Mohala 994 1679
Vryburg Mohala 927 5221
Bellville Mohala 945 3827
Knysna Mohala 382 3150
Vredenburg Mohala 715 1627
